Ditlhoko tsa Motjhene:
Ke dinotlelo tsa tselakhutshwane feela (dinotlelo tse kopantsweng) tse sa sebedisweng ke motjhene o sebetsang tse ka sebediswang ho OpenOffice.org. Haeba dinotlelo tse kopantsweng ho OpenOffice.org di sa sebetse ho ya kamoo ho hlalositsweng ka teng ho Thuso ya OpenOffice.org, lekola haeba tselakhutswane eo e setse e sebedisitswe ke motjhene o sebetsang. Ho lokisa dikgohlano tse jwalo, o ka fetola dinotlolo tse abetsweng ke motjhene wa hao o sebetsang. Tsela e nngwe, o ka fetola ho e ka bang senotlolo se seng le se seng se abetsweng ho OpenOffice.org. Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng tabeng ena, lebisa ho Thuso ya OpenOffice.org ka ditokomane tsa thuso tsa motjhene wa hao wa ho sebetsa.
Ho seting ya tlhokokgetho, ho notlelwa ha faele ho etswa hore ho sebetse ho OpenOffice.org. Ho etsa hore e seke ya sebetsa, o lokela ho seta ho fapafapana ho loketseng ha tikoloho SAL_ENABLE_FILE_LOCKING=0 mme o tsamaise SAL_ENABLE_FILE_LOCKING. Dikeno tsena di se ntse di le ho foromo ya ho sebetsa ho faele ya mongolo ya soffice.
Temoso: Sebopeho sa ho notlela faele se entsweng hore se sebetse se ka baka mathata ka Solaris 2.5.1 le 2.7 tse sebediswang hammoho le Linux NFS 2.0. Haeba tikoloho ya hao ya motjhene e na le diparametere tsena, re eletsa ka ho tiileng hore o qobe ho sebedisa sebopeho sa ho notlela faele. Ho seng jwalo, OpenOffice.org e tla emisa ho sebetsa ha o leka ho bula faele ho tswa tshupetsong e bokellaneng ya NFS ho tswa khomphuteng ya Linux.
Ka kopo nka nako e nnyane hore o tlatse tsamaiso e nnyane ya Ngodiso ya Sehlahiswa ha o kenya lenaneo la khomphutara. Leha ho ingodisa e le ha boikgethelo, re ho kgothalletsa hore o ingodise, ka ha tlhahisoleseding e kgontsha setjhaba ho etsa lenaneo la khomphutara le betere le aterese tseo mosebedisi a di hlokang ka ho toba. Ka Pholisi ya sona ya Lekunutu, Setjhaba sa OpenOffice.org se hlokometse le ho sireletsa tsebiso ya hao ya botho. Haeba o fetile ho ingodisa ha o kenya lenaneo, o ka boela morao mme wa ingodisa nako e nngwe le e nngwe ho
Hape ho nale Patlisiso ya Mosebedisi eo e leng mohaleng eo re ho eletsang hore o e tlatse. Dipholo tsa Patlisiso ya Mosebedisi di tla thusa OpenOffice.org hore e tsamae ka lebelo ho beng metheo e metjha bakeng sa ho hlangwa ha suite ya ofisi ya moloko o tlang. Ka Pholisi ya sona ya Lekunutu, Setjhaba sa OpenOffice.org se hlokometse le ho sireletsa tsebiso ya hao ya botho.
Bakeng sa thuso ka OpenOffice.org 2.0 office suite, sheba dipolokelo bakeng sa ho fumana dipotso tse setseng di arabilwe ho lethathama la thomelo ho 'users@openoffice.org' http://www.openoffice.org/mail_list.html. Tsela e nngwe, o ka romela dipotso tsa hao ho users@openoffice.org. Hopola ho ingodisa lethathameng hore o fumane karabelo ya poso ya elektronike.
Hape lekola le karolo ya FAQ ho http://user-faq.openoffice.org/.
Saete ya Wepe ya OpenOffice.org e tshwere IssueZilla, tsela ya rona ya ho tlaleha, ho latedisisa le ho rarolla ditaba tsa dikokwanahloko. Re kgothaletsa basebedisi kaofela hore ba ikutlwe ba tshwaneleha le ho amoheleha ho tlaleha ditaba tseo di ka hlahellang sethalleng se itseng. Ho tlaleha ka matla ditaba ke e nngwe ya dintho tse kenyang letsoho tseo setjhaba sa basebedisi se ka di etsang ho tswetsopele e tswelang pele le ntlafatso ya lenaneo.
Setjhaba sa OpenOffice.org se tla rua molemo haholo ka ho nka karolo ha hao tswetsopeleng ya projeke ena ya bohlokwa ya open source.
Jwale ka mosebedisi, o setse o le karolo ya bohlokwa ya tsamaiso ya tswetsopele ya suite e bile re tla rata ho o kgothalletsa hore o nke karolo ka pono ya ho ba mokenya-letsoho wa nako e telele setjhabeng. Ka kopo kenela le ho lekola leqephe la mosebedisi ho: http://www.openoffice.org
Re tshepa hore o thabela ho sebetsa ka OpenOffice.org 3.2 e ntjha mme o tla ba le rona mohaleng.
Setjhaba sa OpenOffice.org
Dikarolo tsa Copyright 1998, 1999 James Clark. Dikarolo tsa Copyright 1996, 1998 Mokgatlo wa Dipuisano wa Netscape.